Lesotho, April 1 -- World Vision Lesotho (WVL) ka tsehetso ea Smallholder Agriculture Development Project (SADP II), e tsoere 'moka moo teng e neng e koala le ho nya matsetse ka likhatelo pele tsa porojeke ea Gender Equality and Women Empowerment (GEWE) e etselitsoeng ho phahamisa le ho ntlafatsa bacha le basali liatabeng tsa temo-khoebo le teka tekano. Tsena li etsahetse hoteleng ea Lancers Inn, ka labohlano. Sena ebile mohato o mohlo oa merero ena e 'meli (WVL le SADP II) ho ntlafatsa basali le hona ho ntlafatsa litaba tsa phepo e nepahetseng ka hare ho naha le ho ntlafatsa sekhahla sa seabo seo basali le bacha ba bang le sona litabeng tsa khoebo ho ntse ho etsoe hloko teka tekano. Porojeke ena e qalile ngoahola khoeling ea bohlano 'me...