Lesotho, Sept. 17 -- Raphael Mokoenehi Mosia, mohlankana ea lilemo li mahareng, ea tsebahalang 'minong ka lebitso Fahleho sa mofu, eleng sefahleho sa ntatae- Mosia Special.

Mohlankana enoa o hlalositse hore o kene ka hara selika-likoe sa mino ona oa Famo ka 2020, ele hobane asa batle ha 'mino oa ntatae o timela feela a ntse a le teng.

Mohlankana enoa ke petsoa majoeng esa kang ea itheka moroalo ho oela khabong ea Famo ho tsoelellisa 'mino oa ntatae pele hore o seke oa timela.

Hofeta moo, o boetse o hlalositse ha esale a tsamaya le ntate oa hae hona 'minong mona ho tloha ka selemo sa 2007 a etsa metjeko, ka hona o bone ekaba booatla ha aka tlohela 'mino oo oa ntate oa hae o timele joalo feela.

Mohlankana enoa haa bine Famo feela, o bin...